Vinkmag ad

Lits’ebeletso tsa bohlabolli li fumanehe hohle

Bacha ba lokela ho lemoha hore bophelo bo botle ba kelello ke matlafalo ea bophelo le bokamoso ba bona, ka hona ba lokela ho nyahlatsa tšebeliso e mpe ea lithetefatsi le ho se itumelle hoba le khatello ea maikutlo. Tsena li boletsoe ke mothehi ebile e le Mookameli oa Lesotho Mental warriors, Ikaneng Mapuru, ka la 11 Phupu monongoaha. O re e le mokhatlo ba ile ba qholotseha ke lipolao tse ngata tse ileng tsa hlahela bacha ba ipolaea naheng ea Lesotho le linaheng tse ling, ‘me ba ile ba elelloa hore boholo ba bacha ba qetella ba ipolaea hobane ba na le khatello ea maikutlo.

A re motho e mong a ka itšeka thajana a khaohana le batho, e mong a khaotsa ho itlhokomela ha ba bang ba qetella ba se ba fetoha makhoba a lithetefatsi, hoo ba ipolaeang ha ba sa fumane tharollo ea mathata a bona. Mapuru o re mokhatlo oa habo o sebetsana le ho tšoarela bacha likoetliso tse fapakaneng litabeng tsa bophelo bo botle ba kelello, le ho potoloha likolo ho ruta le baithuti ka bohlokoa ba ho itlhokomela. A re letšolong lena ba kopana le bacha ba bangata, ba nang le mathata a fapakaneng, kaha bona e se litsebi ba thusa bao ka ho ba fetisetsa ho litsebi hore ba thusehe.

A re boholo ba nako ba khothalletsa bacha ho hlahlobela mafu a kelello, ho ikelelloa ha bophelo bo ba fetohela le ho tseba ho sebetsana le liqholotso tsa bophelo. A re boholo ba mathata a teng bacheng, a bakoa haholo ke tlhokahalo ea mesebetsi le ho sitoa ho arabela litlhoko tsa bona tsa mantlha, ha ba bang ba qetella ba fihlela lilemo tsa boikarabello ba sena seo ba iphelisang ka sona, ‘me ba boetse ba elelletsoe hore ketso tsa ho ipolaea tse ling li susumetsoa ke batho ba sitoang ho arolelana litaba tsa bona le ba bang, lekunutu ke se seng sa sesosa sa bophelo bo sa ntlafalang ba kelello. A re mokhatlo oa bona o tšoenyehile ke maemo ana, kaha le bacha ba hlokahala ba le banyane eleng qholotso e kholo ho naha.

A re moo ba kopanang le bacha ba ba tšoarela lithupelo tse kenyelletsang tsa boitjaro ho qoba ho se etse letho, kaha karolo e ‘ngoe e le ea bacha ba sa etseng letho, ka hona ba hloka tšehetso ho batsoali, baholisi le bahlabolli ba ka fumanehang mahala hobane ba sitoa ho qoqa habonolo. A re ba khothaletsa hore litšebeletso tsa tlhabollo li fumanehe hohle, mahala molemong oa ho thusa bacha ka ho itseba le ho tsoa litabeng tsa lithetefatsi, ‘me taba ena e lokela ho eloa hloko ke ‘muso mafapheng a amehang hore bacha ba fetohe.

Letona la Bophelo, Mohlomphehi Semano Sekatle o itse ba etse hloko hore bacha ba na le bothata ba tšebeliso e mpe ea lithetefatsi, ‘me bona ba ntse ba sebetsa ka thata ho batla mekhoa e ka sebelisoang e le ea moshoelella ho thusa bacha. O re ntho e ‘ngoe eo ba ntseng ba itlhophela ho e ntlafatsa ke litšebeletso tsa bohlabolli le ho lokisetsa hore ho ke ho be le mekhoa e sa lefelloeng ea ho hlahloba bophelo ba kelello ho bacha. A re tsela eo bacha ba sebelisang lithetefatsi ka eona e’a hlobaetsa kaha e baka le tahlehelo ea bophelo, ‘me ba ntse ba tsomana le mekhoa e tla thusa bacha ho tsoa litabeng tsena tse kotsi, tse senyang bophelo ba bona.

Vinkmag ad

Read Previous

Moprista Lelimo o’a bolokoa

Read Next

Bolebali bo boholo ke lefu ha se boloi

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular