Vinkmag ad

Bolebali bo boholo ke lefu ha se boloi

Bokulo ba bolebali bo boholo (dementia) ke karolo ea mafu a teng, a hlahellang ka sekhahla ho batho ba lilemo li 50 ho ea holimo, ho kenyelletsa maqheku le maqhekoana. Tsena li boletsoe ke Psychiatric Mental Health Nurse, Kefuoe Ramone, setsing sa mafu a kelello Sepetlele Mohlomi, ka la 11 Phupu monongoaha. O re sesosa sa bolebali se batho ba elelloang seo
ba se etsang kaha likelello tsa bona li sa tsitsi, a ka hlobola liaparo hohle moo a teng, hoo qetellong a ka rehelloang ka boloi hobane ba lumela lintho tsohle. A re ba boetse ba ba le lipono tse bonoang ke bona ba le bang, ‘me sena se ba beha kotsing le tlokotsing ea ho hlekefetsoa le ho bolaoa ke batho, kaha motho ea joalo ka linako tse ling a ka raba-raba a hloka botsitso.

Mooki Sepetlele Mohlomi, Kefuoe Ramon

 H’a tsoelapele o re bokulo bona ke bo ka laolehang ha motho a koetlisoa, a ja so tsa libaka tse ling le ho lahleha ba lahleha. A re motho ea joalo o lokela ho batleloa mohlokomeli ea lulang a mo behile leihlo, hore lintho tse kotsi li tlosoe pela hae, a lule a hopotsoa sebaka le batho bao a phelang le bona. A re ntho e kholo e lokelang ho etsahala ke hore ba thusoe ho phathahangoa ka ho etsa mesebetsi e bobebe, joaloka ho hlatsoa, ho itlhatsoa le ho sebetsa joaloka ho hloekisa ntlo ea boroko le e meng, ‘me seo se tla mo thusa hore nakong eo a bo boholo ke lefutso, bokulo ba ‘mele bo amang booko, phallo e phahameng ea mali, likokoana-hloko tse teng joaloka HIV/ AIDS, sebete, hlala e ka hlahang ka bookong le ho hola. O re motho ea nang le boloetsi bona o lebala lebitso la hae, a batho bao a phelang le bona, nako le sebaka seo a phelang ho sona, o boetse o fetola tsela eo a nahanang ka eona. 

A re boholo ba bona ha hantle lijo tse matlafatsang ‘mele, ho laola ho sithabela ha maikutlo. A re ho bohlokoa hore batho ba atamele litsi tsa bophelo hore ba thusoe ho qoba hore lefu leo le name le kelello ho ka isang bolebaling bo fetang tekanyo. Ramone o re bakuli ba mofuta oo, ba lokela ho alafeloa libakeng tseo ba phelang ho tsona, ho qoba ho ba ekelletsa pherekano, kaha ba sa tloaela tsama phomolang ka shoalane ‘me a khalehe hantle. H’a phethela o re ba khothaletsa ba malapa ho etsetsa batho ba mofuta ona, marapo a letsohong a ngotsoeng mabitso, linomoro le motse oo a lulang ho ona, e le hore ha a lahlehile a tsebe ho tsejoa ha bonolo. A re bahlokomeli ba bakuli bana, ba khothaletsoa ho theha lihlopha tsa ts’ehetso hore ba lule ba thakeloa ka malebela ka linako tsohle. 

Vinkmag ad

Read Previous

Lits’ebeletso tsa bohlabolli li fumanehe hohle

Read Next

Bakhethoa! Sechaba se le emetse

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Most Popular